Re hloka dikgetho tse eketsehileng bakeng sa
myelodysplastic neoplasms/syndromes (MDS)
Phuputso ya bongaka bakeng sa batho ba nang le MDS le anemia MDS le anemia hona jwale e qadile ho ngodisa.
Mabapi le Phuputso ya RENEW
Phuputso ya RENEW e hlahloba moriana wa phuputso hobona hore na e be o sireletsehile le hore na o a sebetsa bakeng sa ho fokotsa tlhokeho ya ho pompelwa madi ka lebaka la myelodysplastic neoplasms/syndromes (MDS)-a amanang le anemia.
Phuputso ena e na le bonyane diketelo tse 20 tse ka etsetswang lapeng.
Nakong ya phuputso o tla ba le menyetla e 2 ho e 3 (67%) ya ho fumana moriana o sebetsang wa phuputso le monyetla o le 1 ho e 3 (33%) wa ho fumana sekamoriana. Sekamoriana ke matheriale e sa sebetseng e shebahalang jwalo ka moriana wa phuputso empa ha se na moriana ofe kapa ofe o sebetsang wa phuputso.
Ho lebeletswe hore moriana wa phuputso o thibele protheini mading e sitisang bokgoni ba mmele wa hao ba ho etsa disele tse kgubedu tsa madi. Moriana o tla hlajwa e le ente tlasa letlalo hoo e ka bang dibeke tse ding le tse ding tse 4 setsing sa phuputso.
O ka tshwaneleha bakeng sa ho nka karolo phuputsong ena ya bongaka haeba:*
- O le ka hodimo ho dilemo tse 18
- O fumanwe o le kotsing e tlase haholo, e tlase, kapa e mahareng ya MDS
- O na le anemia eo o tlamehang ho e alafa ka dipompelo tsa madi
- O se o sa une molemo kalafong ya mantlha eo o ileng wa e fumana bakeng sa MDS, kapa o sa lebella ho una molemo kalafong e tlwaelehileng
*O ke ke wa tshwaneleha bakeng sa ho nka karolo haeba o ile wa fumana dikalafo tse itseng bakeng sa MDS ya hao. Moifo wa phuputso o tla buisana le wena ka mekgwatlhahlobo e eketsehileng.
Hobaneng o Nka Karolo?
Haeba o tshwaneleha mme o etsa qeto ya ho nka karolo, o tla fumana:
- Moriana wa phuputso le tlhokomelo kaofela e amanang le phuputso mahala
- Ho behwa leihlo le ntjhotjho ke ngaka ya phuputso le moifo o nang le tsebo e hlwahlwa mabapi le MDS
- Puseletso ya tjhelete bakeng sa ditjeo tsa ho tla diketelong tsa phuputso, jwalo ka ha ho hlokahala
- Monyetla wa ho thusa ho ntshetsa pele tsebo ya bongaka mabapi le MDS
Polokeho ya hao nakong eo o nkileng karolo Phuputsong ya RENEW ke ya bohlokwa ka ho fetisisa ho rona. Haeba o na le dipotso kapa dingongoreho ka nako efe kapa efe nakong ya phuputso, setho sa moifo wa phuputso se a fumaneha bakeng sa ho buisana le wena.
Ho nka karolo ha hao phuputsong efe kapa efe ya bongaka ke ka boithaopo, mme o lokolohile hore o ka ikgula ka nako efe kapa efe bakeng sa lebaka lefe kapa lefe. Lekunutu la hao le tla sireletswa nakong yohle ya phuputso.
Mabapi le MDS le Anemia
Myelodysplastic neoplasms/syndromes (MDS) ke mefuta ya kankere ya madi. Anemia e amanang le MDS e bakwa ke ha moko wa lesapo o sa kgone ho etsa disele tse kgubedu tsa madi tse lekaneng tse phetseng hantle. Batho ba nang le MDS hangata ba na le anemia, kapa palo e tlase ya disele tse kgubedu tsa madi, mme ba hloka dipompelo tsa madi ho ba thusa ho kokobetsa matshwao a lefu la bona. Matshwao ana a ka kenyeletsa:
- Mokgathala o feteletseng
- Ho fellwa ke moya
- Letlalo le sehlafetseng
- Tahlehelo ya takatso ya dijo
- Sekgahla sa ho otla ha pelo se sa tlwaelehang/se potlakang
- Lehlaba sefubeng
Batho ba bangata ba nang le MDS ba na le tekanyo e itseng ya anemia, mme ho e ka bang halofo ya bakudi ba nang le MDS ba hloka dipompelo tsa madi.1 Le hoja ho na le dikalafo tse fumanehang bakeng sa MDS, ha se sebetse bakeng sa motho e mong le e mong, mme ha se batho kaofela ba tshwanelehang bakeng sa ho di fumana.
Referense:
1 Platzbecker U, Fenaux P, Adès L, et al. Proposals for revised IWG 2018 hematological response criteria in patients with MDS included in clinical trials. Blood. 2019;133(10):1020-1030. doi:10.1182/blood-2018-06-857102
Ikopanye le Setsi sa Phuputso se Haufi le Wena.
Ka kopo letsetsa nomorong e thathamisitsweng diphethong tsa sebaka ho netefatsa setsi sa phuputso se haufi haholo le wena. Buisana le setho sa moifo wa phuputso setsing bakeng sa tlhahisoleseding e eketsehileng. Tlhahisoleseding eo o fanang ka yona e tla bolokwa e le lekunutu.
Tshehetso mabapi le maeto le puseletso ya tjhelete e tla fanwa.
Dipotso tse Botswang Kgafetsa
Karolo ena e tla thusa ho araba dipotso tse itseng tsa bohlokwa tseo o ka bang le tsona mabapi le ho nka karolo phuputsong ena.
Mabapi le Phuputso ya RENEW
Ke hobaneng ho tsamaiswa Phuputso ya RENEW?
Phuputso ya RENEW e hlahloba moriana wa phuputso ho bona hore na e be o sireletsehile le hore na o a sebetsa bakeng sa ho fokotsa tlhokeho ya ho pompelwa madi ka lebaka la myelodysplastic neoplasms/syndromes (MDS)-a amanang le anemia.
Moriana wa phuputso o sebetsa jwang?
Ho lebeletswe hore moriana wa phuputso o tla thibela protheini e mading e sitisang bokgoni ba mmele wa hao ba ho etsa disele tse kgubedu tsa madi.
Ke etsa qeto jwang hore na e be phuputso ena ya bongaka e ntoketse?
Pele o dumela ho nka karolo, moifo wa phuputso o tla hlahloba hammoho le wena dikarolo tsohle tsa phuputso, ho kenyeletswa le diteko tse hlokahalang le mekgwatshebetso. Haeba o etsa qeto ya ho nka karolo, o tla fuwa tokomane e bitswang Foromo ya Tumello e nang le Kutlwisiso e fanang, ka mongolo, sepheo sa phuputso, diteko, mekgwatshebetso, melemo, dikotsi, le ditemoso. O tla ba le monyetla wa ho botsa dipotso le ho etsa qeto haeba ho nka karolo ho o loketse.
Nka ikopanya le mang haeba ke na le dipotso tse eketsehileng?
Ka kopo ikopanye le setsi sa phuputso se haufi le wena haeba o na le dipotso. Mooki wa phuputso kapa mohokahanyi ba ka o neha tlhahisoleseding e eketsehileng le ho araba dipotso tsa hao.
Sekamoriana ke eng?
Sekamoriana ke matheriale e sa sebetseng e shebahalang jwalo ka moriana wa phuputso empa e se na moriana ofe kapa ofe wa phuputso o sebetsang. Tshebediso ya sekamoriana phuputsong e kang ena e a hlokahala ho dumella bafuputsi ho bapisa diphetho tse tswang sehlopheng se fumaneng moriana wa phuputso papisong le diphetho tse tswang sehlopheng se sa kang sa fumana moriana wa phuputso empa se ileng sa latelang mehato e tshwanang le ho fumana tlhokomelo e tshwanang.
Ho Boloka Lekunutu, Ho Kgaotsa ho Nka Karolo, Ditjeo, le Tumello
Ho etsahalang ka tlhahisoleseding ya ka ya botho?
Moifo wa phuputso o hlompha le ho sireletsa lekunutu la hao mme ba ke ke ba abelana tlhahisoleseding ya hao le ba bang ntle le haeba sena se hlokwa ke molao mme tlhahisoleseding ya hao ya botho e tla bolokwa ka ho kengwa dikhoutu tse sa o tsebahatseng. Foromo ya Tumello e nang le Kutlwisiso e tla o neha tlhahisoleseding e eketsehileng mabapi le hore na lekunutu la hao le tla bolokwa jwang.
Na nka ikgula phuputsong kamora ho qala ho yona?
Ho nka karolo ha hao phuputsong ya bongaka ke ka boithaopo ka ho feletseng mme o ka ikgula ka nako efe kapa efe. Haeba o etsa qeto ya ho ikgula pele ho nako, o tla kopjwa hore o tsebise moifo wa phuputso pele o ikgula. O tla kopjwa hore o kgutlele tliliniking bonyane ka lekgetlo le le leng ho phethela ketelo ya ho qetela le ho kgutlisa moriana ofe kapa ofe wa phuputso o sa sebediswang. Ka tumello ya hao, moifo wa phuputso o ka ikopanya le wena nako le nako bakeng sa nako ya dilemo tse 3 ho isa ho tse 5 kamora ho fumana tekanyetso ya hao ya ho qetela ya kalafo ya phuputso.
Na ke tlameha ho lefa bakeng sa ho nka karolo?
Ha ho na tefiso bakeng sa ho nka karolo. Diteko kaofela le mekgwatshebetso le moriana wa phuputso o amanang le phuputso ya bongaka di fanwa mahala.
Na ke tla lefshwa bakeng sa ho nka karolo/na ke tla buseletswa tjhelete bakeng sa maeto?
O ke ke wa lefshwa bakeng sa ho nka karolo phuputsong. Moifo wa phuputso o ka o bolella mabapi le puseletso ya tjhelete bakeng sa ditshenyehelo tseo o bileng le tsona ka ho tla diketelong tsa phuputso haeba o tshwaneleha.
Na ke tlameho hore ngaka ya ka e nnehe tumello ya ho nka karolo phuputsong ya bongaka?
Ha se tlameho hore ngaka ya hao e o nehe tumello bakeng sa ho nka karolo. Le ha ho le jwalo, wena kapa ngaka ya phuputso, ka tumello ya hao, le ka ikopanya le ngaka ya hao ya botho bakeng sa ho buisana ka ho nka karolo ha hao phuputsong pele o qala, ho botsa mabapi le nalane ya hao ya bongaka, le ho boloka ngaka ya hao e na le tlhahisoleseding e ntjhafaditsweng mabapi le kgatelopele ya hao.
Mabapi le Diphuputso tsa Bongaka
Phuputso ya bongaka ke eng?
Phuputso ya bongaka ke phuputso ya saense e hlahlobang polokeho le tshebetso ya moriana wa phuputso. Phuputso ya bongaka e ka bontsha hore moriana wa phuputso o molemo haholo, o molemo, kapa o mobe ho feta kalafo e tlwaelehileng kapa sekamoriana e sa sebetseng (se shebahala jwalo ka moriana wa phuputso empa sona ha se na motswako o sebetsang). Dingaka tse tshwanelehang, baoki, le ditsebi tse ding tsa bongaka ke bona ba ikarabellang bakeng sa ho tsamaisa phuputso ena.
Ke feela kamora ho phethwa ha diphuputso tsa bongaka meriana ya bongaka ho ka kgonahalang ho fihlella tlhahlobo mme, haeba ho na le bopaki ba hore meriana e sireletsehile le ho sebetsa, le ho tjhaelwa monwana bakeng sa tshebediso e qollehile. Mekgatlo e fapaneng ya bolaodi dinaheng tse fapaneng e tla fana ka tumello kamora tlhahlobisiso e feletseng. Meriana e laelwang ke dingaka bakeng sa tshebediso kajeno e ile ya fumanwa e na e bopaki ba tshireletseho le tshebetso nakong ya diphuputso tsa bongaka.
Ke bomang ba ka nkang karolo phuputsong ya bongaka?
Ke feela bankakarolo ba fihlellang mekgwatlhahlobo e hlokahalang ya ho tshwaneleha bakeng sa phuputso ya bongaka ba ka nkang karolo. Moifo wa phuputso tliliniking eo o e kgethang o tla hlahloba nalane ya hao ya bongaka le boemo ba hao ba hajwale ba bongaka ho bona haeba o fihlella mekgwatlhahlobo ya ho tshwaneleha. Ba tla bona haeba o tshwaneleha bakeng sa ho nka karolo phuputsong. O ka boela wa kopjwa hore o fane ka tlhahisoleseding e tswang direkotong tsa hao tsa bongaka ho thusa moifo wa phuputso.
Moriana wa phuputso ke eng?
Moriana wa phuputso ke moriana oo hajwale o ntseng o etswa diteko mme ha o eso ho tjhaelwe monwana ke bolaodi bo bong kapa bolaodi ba bophelo bakeng sa tshebeletso ya moriana ka taelo ya ngaka.
Reference:
1. Platzbecker U, Fenaux P, Adès L, et al. Proposals for revised IWG 2018 hematological response criteria in patients with MDS included in clinical trials. Blood. 2019;133(10):1020-1030. doi:10.1182/blood-2018-06-857102